2. Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho.
3. Simone Petrose a re ho bona: “Ke sa ilo tshwasa ditlhapi.”Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tloha, ba kena ka sekepeng, empa bosiung boo ba se ke ba tshwasa letho.
4. Kameso, Jesu a ema lebopong, feela barutuwa ba sa tsebe hore ke Jesu.
5. Jesu a re ho bona: “Bana ba ka, na le na le tlhapi?”Ba mo araba, ba re: “Tjhe.”
6. A re ho bona: “Akgelang letlowa lehlakoreng le letona la sekepe, mme le tla tshwasa.” Yaba ba a le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba ditlhapi.
7. Jwale morutuwa eo Jesu a mo ratang a re ho Petrose: “Ke Morena!” Simone Petrose, ha a utlwa hore ke Morena, a apara, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela letsheng.
8. Barutuwa ba bang ba tla ka sekepe, ba hula letlowa la ditlhapi, hobane ba ne ba se hole le lebopo, ba ne ba ka ba dimethara tse lekgolo.
9. Jwale ha ba etswa ka sekepeng ba fihla lebopong, ba bona mollo wa mashala, le tlhapi e besitsweng hodima wona, le bohobe.
10. Jesu a re ho bona: “Tlisang tse ding tsa ditlhapi tseo le tswa di tshwasa.”
11. Simone Petrose a hlwella ka sekepeng, a hulela lebopong letlowa le tletseng ditlhapi tse kgolo, tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro, empa leha di ne di le ngata hakaalo, letlowa ha le a ka la taboha.
12. Jesu a re ho bona: “Tloong le je!” Ka ho tseba hore ke Morena, ha se ke ha eba le ya mong wa barutuwa ya betang pelo ho mmotsa, ho re: “O mang?”