Johanne 21:14-25 BIBELE (SSO89SO)

14. E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung.

15. Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?”A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”

16. A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.”A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!”

17. A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?”Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!

18. Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”

19. O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!”

20. Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa eo Jesu a mo ratang a ba latetse. Ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa Jesu ha ba le dijong tsa mantsiboya, ya neng a re: “Morena, ya o ekang ke mang?”

21. Petrose ha a bona eo, a re ho Jesu: “Morena, eo o tla fella kae?”

22. Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!”

23. Jwale taba ena ya hore morutuwa eo ha a na ho shwa, ya anela hara badumedi. Empa Jesu o ne a sa ka a re ho yena ha a na ho shwa, a mpa a itse: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng?”

24. Ke yena morutuwa enwa ya pakang ditaba tsena, ya di ngotseng, mme re tseba hore bopaki ba hae ke nnete.

25. Ho sa na le tse ding tse ngata, tseo Jesu a di entseng, tseo ha di ka ngolwa ka bonngwe, ke hopolang hore le lefatshe le ke ke la ba le sebaka se lekanang ho boloka dibuka tse ka ngolwang.

Johanne 21