Johanne 21:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona:

2. Simone Petrose, le Thomase ya bitswang Lefahla, le Nathanaele wa Kana e Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba bang ba babedi, ba ne ba le hammoho.

3. Simone Petrose a re ho bona: “Ke sa ilo tshwasa ditlhapi.”Ba re ho yena: “Le rona re ya le wena.” Ba tloha, ba kena ka sekepeng, empa bosiung boo ba se ke ba tshwasa letho.

4. Kameso, Jesu a ema lebopong, feela barutuwa ba sa tsebe hore ke Jesu.

5. Jesu a re ho bona: “Bana ba ka, na le na le tlhapi?”Ba mo araba, ba re: “Tjhe.”

6. A re ho bona: “Akgelang letlowa lehlakoreng le letona la sekepe, mme le tla tshwasa.” Yaba ba a le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba ditlhapi.

Johanne 21