3. Petrose le morutuwa eo e mong ba tloha, ba ya lebitleng.
4. Bobedi ba bona ba matha hammoho, empa morutuwa eo e mong a siya Petrose ka lebelo, a fihla pele lebitleng.
5. Ha a nyarela, a bona masela a beilwe fatshe, empa a se ke a kena.
6. Simone Petrose a tla a mo setse morao, a kena ka lebitleng, mme a bona masela a le fatshe.
7. Lesela le neng le le hloohong ya hae le ne le se maseleng a mang, empa le ne le phuthilwe le le leng sebakeng se kathoko.
8. Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela,
9. hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.
10. Jwale barutuwa ba kgutlela hae.
11. Maria wa Magadala o ne a eme kantle, pela lebitla, a ntse a lla. Ha a ntse a lla, a nyarela ka lebitleng.
12. Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng diaparo tse tshweu a dutse, le leng ka hloohong, le leng ka maotong, moo setopo sa Jesu se neng se beilwe teng.
13. A re ho yena: “Mosadi, o llelang?”A re ho wona: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.”
14. Yare ha a rialo, a reteleha, mme a bona Jesu a eme, feela a se ke a tseba hore ke Jesu.
15. Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?”Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.”
16. Jesu a re ho yena: “Maria!”A reteleha, a re ho Jesu ka Seheberu: “Rabbuni!” ke ho re: Moruti!
17. Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: <Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!> ”
18. Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona.