Johanne 20:17-31 BIBELE (SSO89SO)

17. Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: <Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!> ”

18. Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona.

19. Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”

20. Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.

21. Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”

22. Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang!

23. Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.”

24. Thomase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Lefahla, o ne a le siyo hara bona ha Jesu a fihla.

25. Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.”Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”

26. Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”

27. Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”

28. Thomase a araba, a re ho yena: “Morena wa ka le Modimo wa ka!”

29. Jesu a re ho yena: “Na o dumetse kahobane o mpone? Ho lehlohonolo ba dumelang leha ba sa ka ba bona.”

30. Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuwa ba hae ba ntseng ba bona, e sa ngolwang bukeng ena.

31. Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.

Johanne 20