Johanne 20:17-26 BIBELE (SSO89SO)

17. Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: <Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!> ”

18. Maria wa Magadala a ya behela barutuwa, a re: “Ke bone Morena!” A bolela le tseo Jesu a mmoleletseng tsona.

19. Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”

20. Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.

21. Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”

22. Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang!

23. Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.”

24. Thomase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Lefahla, o ne a le siyo hara bona ha Jesu a fihla.

25. Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.”Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”

26. Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”

Johanne 20