Johanne 20:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.

2. Jwale a matha, a tla ho Simone Petrose le ho morutuwa e mong eo Jesu a neng a mo rata, a re ho bona: “Ba tlositse Morena lebitleng, mme ha re tsebe moo ba mmeileng teng!”

3. Petrose le morutuwa eo e mong ba tloha, ba ya lebitleng.

4. Bobedi ba bona ba matha hammoho, empa morutuwa eo e mong a siya Petrose ka lebelo, a fihla pele lebitleng.

5. Ha a nyarela, a bona masela a beilwe fatshe, empa a se ke a kena.

6. Simone Petrose a tla a mo setse morao, a kena ka lebitleng, mme a bona masela a le fatshe.

7. Lesela le neng le le hloohong ya hae le ne le se maseleng a mang, empa le ne le phuthilwe le le leng sebakeng se kathoko.

8. Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela,

Johanne 20