10. a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”
11. Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12. Kamora moo, yena le mmae le bana babo le barutuwa ba hae, ba theohela Kaperenauma, ba hlola teng matsatsi a se makae.
13. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.
14. Ka Tempeleng a fumana ba rekisang dikgomo, le dinku, le maeba, le baananyi ba ditjhelete ba dutse.
15. Hoba a etse sephadi ka dikgwele, a ba phahla bohle ka Tempeleng, le dinku, le dikgomo; a qhala ditjhelete tsa baananyi, mme a phethola ditafole tsa bona,
16. a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”
17. Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”
18. Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?”
19. Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”
20. Yaba Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, empa wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?”
21. Feela yena o ne a bua ka tempele eo e leng mmele wa hae.
22. Jwale ha a tsohile bafung, barutuwa ba hae ba hopola hore o ne a rialo, mme ba dumela Mangolo le boporofeta boo Jesu a bo boletseng.
23. Ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela ho yena, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.
24. Empa Jesu o ne a sa ba tshepe, hobane a tseba batho bohle,
25. le kahobane a ne a sa hloke ho bolellwa letho ka motho; kaha a ne a tseba se ka ho motho.