1. Ka tsatsi la boraro ho ne ho ena le mokete wa lenyalo Kana e Galelea, mme mma Jesu o ne a le teng.
2. Jesu le barutuwa ba hae le bona ba ne ba memetswe lenyalong.
3. Ha veine e fedile, mma Jesu a re ho yena: “Ha ba na veine.”
4. Jesu a re ho yena: “Mme, hoo ho re ama kang, rona le wena? Nako ya ka ha e eso fihle.”
5. Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”
6. Jwale dinkgo tse tsheletseng, tsa lejwe, tseo e nngwe le e nngwe ya tsona e neng e tlatswa ka dilethara tse ka bang lekgolo, di ne di beilwe moo ho ya ka moetlo wa tlhwekiso wa Bajuda.
7. Jesu a re ho bona: “Tlatsang dinkgo ka metsi.” Ba di tlatsa tswete!
8. A re ho bona: “Kgang jwale, mme le isetse motsamaisi wa mokete.”Ba mo isetsa.
9. Ha motsamaisi wa mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho mpa ho tseba basebeletsi ba kgileng metsi, motsamaisi a bitsa monyadi,
10. a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”
11. Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12. Kamora moo, yena le mmae le bana babo le barutuwa ba hae, ba theohela Kaperenauma, ba hlola teng matsatsi a se makae.
13. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema.
14. Ka Tempeleng a fumana ba rekisang dikgomo, le dinku, le maeba, le baananyi ba ditjhelete ba dutse.
15. Hoba a etse sephadi ka dikgwele, a ba phahla bohle ka Tempeleng, le dinku, le dikgomo; a qhala ditjhelete tsa baananyi, mme a phethola ditafole tsa bona,
16. a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”
17. Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”
18. Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?”
19. Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”