Johanne 19:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba.

10. Pilato a re ho yena: “O hana ho bua le nna? Ha o tsebe hore ke na le matla a ho o lokolla, le matla a ho o thakgisa?”

11. Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”

12. Ho tloha moo Pilato a batla ho mo lokolla, empa Bajuda ba howa, ba re: “Ha o lokolla motho enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya iketsang kgosi o hanyetsa Sesare.”

13. Ha Pilato a utlwa mantswe ana, a ntshetsa Jesu kantle, a dula setulong sa boahlodi sebakeng se bitswang Matlapeng, ka Seheberu ke Gabata.

14. E ne e le letsatsi la tlhekelo ya Paseka, e ka ba hara mpa ya motsheare.A re ho Bajuda: “Ke eo kgosi ya lona!”

15. Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!”Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?”Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”

16. Ya eba moo a ba neelang yena hore a thakgiswe.Yaba ba nka Jesu.

17. A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha.

18. Ba mo thakgisa teng hammoho le ba bang ba babedi, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane, Jesu a le hare.

19. Pilato a ngola le lengolo, a le maneha hodima sefapano. Ho ne ho ngotswe, ho thwe: JESU WA NASARETHA, KGOSI YA BAJUDA.

20. Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane sebaka seo Jesu a neng a thakgiseditswe ho sona se ne se le haufi le motse, mme le ne le ngotswe ka Seheberu, le ka Selatine, le ka Segerike.

Johanne 19