35. Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele.
36. Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”
37. Temana e nngwe hape e re: “Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.”
38. Kamora tsena, Josefa wa Arimathea, eo e neng e le morutuwa wa Jesu ka lekunutu ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa Pilato ho mo dumella ho nka setopo sa Jesu, mme Pilato a dumela. Jwale a tla, a nka setopo sa hae.
39. Le Nikodema, yena ya neng a tle ho Jesu pele, bosiu, a tla a nkile motswako wa mmira le makgala o ka bang boima ba dikilo tse mashome a mararo.
40. Ba nka setopo sa Jesu, ba se thatella hammoho le dinoko ka masela, jwalokaha e le moetlo wa Bajuda wa ho epela.
41. Sebakeng seo a thakgisitsweng ho sona ho ne ho ena le serapa, mme serapeng ho ena le lebitla le letjha, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ka ho lona;
42. yaba ba epela Jesu teng ka baka la tlhekelo ya Bajuda, hobane lebitla leo le ne le le haufi.