28. Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.
29. Ho ne ho ena le nkgo e tletseng asene; ba tlamella semonyametsi se tletseng asene leqaleng, ba se isa molomong wa hae.
30. Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.
31. Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo.
32. Jwale bahlabani ba tla; ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong wa ba thakgisitsweng le Jesu,
33. empa ha ba etla ho Jesu, mme ba bona hore o se a shwele, ba se ke ba roba meomo ya hae,
34. empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, mme hanghang ha tswa madi le metsi.
35. Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele.
36. Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”
37. Temana e nngwe hape e re: “Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.”
38. Kamora tsena, Josefa wa Arimathea, eo e neng e le morutuwa wa Jesu ka lekunutu ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa Pilato ho mo dumella ho nka setopo sa Jesu, mme Pilato a dumela. Jwale a tla, a nka setopo sa hae.
39. Le Nikodema, yena ya neng a tle ho Jesu pele, bosiu, a tla a nkile motswako wa mmira le makgala o ka bang boima ba dikilo tse mashome a mararo.
40. Ba nka setopo sa Jesu, ba se thatella hammoho le dinoko ka masela, jwalokaha e le moetlo wa Bajuda wa ho epela.