20. Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane sebaka seo Jesu a neng a thakgiseditswe ho sona se ne se le haufi le motse, mme le ne le ngotswe ka Seheberu, le ka Selatine, le ka Segerike.
21. Jwale baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: “Se ngole <Kgosi ya Bajuda>, empa ngola hore: <O itse ke nna kgosi ya Bajuda>.”
22. Pilato a araba, a re: “Seo ke se ngotseng, ke se ngotse.”
23. Hoba bahlabani ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di arola karolo tse nne, mohlabani ka mong a fumana karolo. Ha e le seaparo sa kahare se ne se se na moroko, se lohilwe hohle ho tloha hodimo.
24. Jwale ba buisana, ba re: “A re se keng ra e tabola, empa a re e laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na e tla ba ya mang;” e le hore ho tle ho phethahale Mangolo a reng:“Ba arolelane diaparo tsa ka,ba loala aparo sa ka ka lotho.”Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.
25. Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala.
26. Ha Jesu a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang, ba eme moo, a re ho mmae: “Mme, mora wa hao ke eo.”
27. A nto re ho morutuwa: “Mmao ke eo.” Ho tloha nakong eo morutuwa a mo nkela ha hae.
28. Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.
29. Ho ne ho ena le nkgo e tletseng asene; ba tlamella semonyametsi se tletseng asene leqaleng, ba se isa molomong wa hae.
30. Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.
31. Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo.
32. Jwale bahlabani ba tla; ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong wa ba thakgisitsweng le Jesu,
33. empa ha ba etla ho Jesu, mme ba bona hore o se a shwele, ba se ke ba roba meomo ya hae,
34. empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, mme hanghang ha tswa madi le metsi.
35. Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele.
36. Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”
37. Temana e nngwe hape e re: “Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.”