Johanne 19:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. Bahlabani ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo apesa kobo e perese,

3. ba nto tla ho yena, ba re: “Ahe, kgosi ya Bajuda!” mme ba mo jabela.

4. Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.”

5. Yaba Jesu o tswela kantle, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo e perese. Pilato a re ho bona: “Motho wa lona ke eo!”

6. Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!”Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”

7. Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.”

8. Yare ha Pilato a utlwa polelo eo, a tshoha haholo.

9. A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba.

Johanne 19