1. Ya eba moo Pilato a nkang Jesu, a mo shapa.
2. Bahlabani ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo apesa kobo e perese,
3. ba nto tla ho yena, ba re: “Ahe, kgosi ya Bajuda!” mme ba mo jabela.
4. Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.”
5. Yaba Jesu o tswela kantle, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo e perese. Pilato a re ho bona: “Motho wa lona ke eo!”
6. Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!”Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”
7. Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.”
8. Yare ha Pilato a utlwa polelo eo, a tshoha haholo.
9. A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba.
10. Pilato a re ho yena: “O hana ho bua le nna? Ha o tsebe hore ke na le matla a ho o lokolla, le matla a ho o thakgisa?”
11. Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”
12. Ho tloha moo Pilato a batla ho mo lokolla, empa Bajuda ba howa, ba re: “Ha o lokolla motho enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya iketsang kgosi o hanyetsa Sesare.”