Johanne 18:4-17 BIBELE (SSO89SO)

4. Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”

5. Ba mo araba, ba re: “Jesu wa Nasaretha.”A re ho bona: “Ke nna enwa.” Le yena Judase, ya mo ekang, o ne a eme le bona.

6. Jwale ha a ba bolella, a re: “Ke nna enwa,” ba tjhetjha ka santhao, mme ba wela fatshe.

7. A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?”Ba re: “Jesu wa Nasaretha.”

8. Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse hore ke nna; haeba le batla nna he, lesang batho bana ba ikele;”

9. e le hore ho tle ho phethahale polelo eo a e boletseng, a re: “Ha ho a lahleha le ya mong wa bao o nneileng bona.”

10. Yaba Simone Petrose, ya neng a ena le sabole, o a e tsomula, o hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, o mo poma tsebe ya letsoho le letona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malekose.

11. Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”

12. Jwale lebotho la bahlabani, le ena le molaodi wa lona wa ba sekete, le balebedi ba neng ba romilwe ke Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama.

13. Ba mo isa ho Hannase pele, hobane e ne e le mohwe wa Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo.

14. Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.

15. Simone Petrose le morutuwa e mong ba latela Jesu. Morutuwa eo o ne a tsejwa ke Moprista e Moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la ntlo ya Moprista e Moholo.

16. Petrose a ema monyako, kantle. Yaba morutuwa e mong eo, ya neng a tsejwa ke Moprista e Moholo, o a tswa, o bua le mosadi ya lebelang monyako, mme a kenya Petrose.

17. Jwale lekgabunyane le lebelang monyako la re ho Petrose: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?”A re: “Ha ke yena.”

Johanne 18