26. E mong wa bahlanka ba Moprista e Moholo, ya tswalanang le eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re: “Na ha ke a ka ka o bona o ena le yena serapeng?”
27. Petrose a boela a latola, mme hanghang mokoko wa lla.
28. Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.
29. Ka baka leo, Pilato a tswela kantle ho bona, mme a re: “Le qosa monna eo ka eng?”
30. Ba araba, ba re ho yena: “Hojane monna enwa o ne a sa etsa bobe, re ka be re sa mo tlisa ho wena.”
31. Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka ho ya ka molao wa lona.”Bajuda ba re ho yena: “Ha re na tokelo ya ho bolaya motho.”
32. E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa.
33. Pilato a boela ka tlung ya bobusisi, a bitsa Jesu, mme a re ho yena: “Na o kgosi ya Bajuda?”
34. Jesu a araba, a re: “Na o bolela hoo ka bowena, kapa ba bang ba o boleletse ka nna?”
35. Pilato a araba, a re: “Na ke Mojuda? Setjhaba sa heno le baprista ba baholo ba o tlisitse ho nna; o entseng?”
36. Jesu a araba, a re: “Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena; ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke se ke ka neelwa Bajuda, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona.”
37. Yaba Pilato o re ho yena: “Ha ho le jwalo, na o fela o le kgosi?”Jesu a araba, a re: “Ke wena o reng ke kgosi. Seo ke se tswaletsweng, le seo ke se tletseng lefatsheng, ke hore ke pake nnete. Mang le mang eo e leng wa nnete o utlwa lentswe la ka.”
38. Pilato a re ho yena: “Nnete keng?”Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena.
39. Empa le na le tlwaelo ya hore ke le lokollele motho e mong ka Paseka; na le rata ha ke le lokollela kgosi ya Bajuda na?”
40. Ba howa hape, ba re: “E seng enwa, e mpe e be Barabase!” Barabase e ne e le senokwane.