Johanne 18:18-26 BIBELE (SSO89SO)

18. Bahlanka le balebedi ba ne ba besitse mollo wa mashala, ba eme, ba ikomosa, hobane ho ne ho bata. Petrose le yena a ema la bona, a ikomosa.

19. Jwale Moprista e Moholo a botsa Jesu ka tsa barutuwa ba hae le ka tsa thuto ya hae.

20. Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.

21. O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke se buileng ho bona; ke bona ba tsebang seo ke se buileng.”

22. Yare ha a rialo, e mong wa balebedi ya neng a eme haufi, a jabela Jesu, a re: “Na o hle o arabe Moprista e Moholo jwalo?”

23. Jesu a mo araba, a re: “Haeba ke buile hampe, bolela bobe boo, empa haeba ke buile hantle, o nkotlelang na?”

24. Jwale Hannase a mo romela a tlamilwe ho Kaiafa, Moprista e Moholo.

25. Simone Petrose o ne a eme a ntse a ikomosa. Yaba ba re ho yena: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba hae na?”Yena a latola, a re: “Ha ke yena.”

26. E mong wa bahlanka ba Moprista e Moholo, ya tswalanang le eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re: “Na ha ke a ka ka o bona o ena le yena serapeng?”

Johanne 18