14. Kaiafa e ne e le yena ya eleditseng Bajuda, a re: Ho molemo ha motho a le mong a ka shwela setjhaba.
15. Simone Petrose le morutuwa e mong ba latela Jesu. Morutuwa eo o ne a tsejwa ke Moprista e Moholo, mme a kena le Jesu lebaleng la ntlo ya Moprista e Moholo.
16. Petrose a ema monyako, kantle. Yaba morutuwa e mong eo, ya neng a tsejwa ke Moprista e Moholo, o a tswa, o bua le mosadi ya lebelang monyako, mme a kenya Petrose.
17. Jwale lekgabunyane le lebelang monyako la re ho Petrose: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba monna eo?”A re: “Ha ke yena.”
18. Bahlanka le balebedi ba ne ba besitse mollo wa mashala, ba eme, ba ikomosa, hobane ho ne ho bata. Petrose le yena a ema la bona, a ikomosa.
19. Jwale Moprista e Moholo a botsa Jesu ka tsa barutuwa ba hae le ka tsa thuto ya hae.
20. Jesu a mo araba, a re: “Ke buile le lefatshe phatlalatsa; ke rutile ka matlung a thapelo le ka Tempeleng kamehla, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng, mme ha ke a ka ka bua letho lekunutung.
21. O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke se buileng ho bona; ke bona ba tsebang seo ke se buileng.”
22. Yare ha a rialo, e mong wa balebedi ya neng a eme haufi, a jabela Jesu, a re: “Na o hle o arabe Moprista e Moholo jwalo?”
23. Jesu a mo araba, a re: “Haeba ke buile hampe, bolela bobe boo, empa haeba ke buile hantle, o nkotlelang na?”
24. Jwale Hannase a mo romela a tlamilwe ho Kaiafa, Moprista e Moholo.
25. Simone Petrose o ne a eme a ntse a ikomosa. Yaba ba re ho yena: “Na wena ha o e mong wa barutuwa ba hae na?”Yena a latola, a re: “Ha ke yena.”