1. Hoba Jesu a bolele tsena, a tswa le barutuwa ba hae, a tshelela mose ho nokana ya Kederone, moo ho neng ho ena le serapa teng; a kena ho sona le barutuwa ba hae.
2. Le yena Judase ya mo ekang, o ne a tseba sebaka seo, hobane Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba phuthehela teng kgafetsa.
3. Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.
4. Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”
5. Ba mo araba, ba re: “Jesu wa Nasaretha.”A re ho bona: “Ke nna enwa.” Le yena Judase, ya mo ekang, o ne a eme le bona.
6. Jwale ha a ba bolella, a re: “Ke nna enwa,” ba tjhetjha ka santhao, mme ba wela fatshe.
7. A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?”Ba re: “Jesu wa Nasaretha.”
8. Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse hore ke nna; haeba le batla nna he, lesang batho bana ba ikele;”
9. e le hore ho tle ho phethahale polelo eo a e boletseng, a re: “Ha ho a lahleha le ya mong wa bao o nneileng bona.”
10. Yaba Simone Petrose, ya neng a ena le sabole, o a e tsomula, o hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, o mo poma tsebe ya letsoho le letona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malekose.
11. Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”