Johanne 17:8-21 BIBELE (SSO89SO)

8. hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile.

9. Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.

10. Tsohle tsa ka ke tsa hao, le tsa hao ke tsa ka, mme ke tlotlisitswe ka bona.

11. Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona.

12. Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale.

13. “Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona.

14. Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.

15. Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.

16. Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.

17. Ba halaletse nneteng; lentswe la hao ke nnete.

18. Jwalokaha o nthomile lefatsheng le nna ke ba romile lefatsheng,

19. mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.

20. “Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona,

21. hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile.

Johanne 17