Johanne 16:4-23 BIBELE (SSO89SO)

4. Empa ke le boleletse tsena, hore ha nako ya tsona e fihla, le hopole hore ke le boleletse tsona.“Ha ke a ka ka le bolella tsena ho tloha qalong, hobane ke ne ke ena le lona.

5. “Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: <O ya kae?>

6. Kahobane ke le boleletse tsena, dipelo tsa lona di tletse maswabi.

7. Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.

8. Ha eo a etla, o tla kgodisa lefatshe ka tsa sebe, le ka tsa toka, le ka tsa kahlolo;

9. ka tsa sebe, hobane ba sa dumele ho nna;

10. ka tsa toka, hobane ke ya ho Ntate, mme ha le sa tla hlola le mpona;

11. ka tsa kahlolo, hobane mmusi wa lefatshe lena o se a ahlotswe.

12. “Ke sa na le tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona, empa le ke ke la di kopa hajwale;

13. athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang.

14. Yena o tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, a le tsebise tsona.

15. Tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka; ka baka leo, ke itse o nka ho tsa ka, a le phatlalletse tsona.

16. “Kamora nakwana ha le sa tla mpona, empa kamora nakwana, le tla boela le mpona.”

17. Jwale ba bang ba barutuwa ba hae ba botsana, ba re: “Ke eng eo a re bolellang yona, ha a re: <Kamora nakwana ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?> le ha a re: <Kahobane ke ya ho Ntate?> ”

18. Jwale ba re: “Ke ho reng ha a re: <Kamora nakwana>? Ha re tsebe seo a se bolelang.”

19. Jesu a tseba hore ba rata ho mmotsa, mme a re ho bona: “Na le botsana ka taba ee, hobane ke itse: <Kamora nakwana, ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?>

20. Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo.

21. Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile, empa ha a se a belehile, ha a sa hlola a hopola bohloko ba pelehi, ka baka la thabo ya hore ho tswetswe motho lefatsheng.

22. Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.

23. Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.

Johanne 16