Johanne 16:26-33 BIBELE (SSO89SO)

26. Mohlang oo le tla kopa ka lebitso la ka, empa ha ke re ho lona ke tla le rapella ho Ntate,

27. hobane Ntate ka sebele sa hae o a le rata, kaha le nthatile, mme le dumetse hore ke tswa ho Modimo.

28. Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.”

29. Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso.

30. Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”

31. Jesu a ba araba, a re: “Na jwale le a dumela?

32. Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna.

33. “Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”

Johanne 16