Johanne 15:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. Lona le se le hlwekile ka baka la lentswe leo ke le buileng ho lona.

4. Dulang ka ho nna, le nna ka ho lona. Jwalokaha lekala le ke ke la beha ditholwana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho jwalo le ho lona ha le sa dule ka ho nna.

5. “Ke nna sefate sa morara, lona le makala. Ya dulang ka ho nna, le nna ka ho yena, o beha ditholwana tse ngata, hobane ntle ho nna le ke ke la etsa letho.

6. Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.

7. Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.

8. Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.

9. “Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.

10. Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.

11. “Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.

12. Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.

13. Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.

Johanne 15