22. Ha ke ne ke sa ka ka tla ho bua le bona, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ha ba na boitatolo ka sebe sa bona.
23. Ya ntlhoileng, o hloile Ntate.
24. Ha ke ne ke sa ka ka etsa mesebetsi hara bona, eo ho seng le ya mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ba bone, mme ba hloile rona le Ntate.
25. Empa lentswe le ngotsweng Molaong wa bona, le reng: <Ba ntlhoile ntle ho lebaka,> le tshwanetse ho phethahala.
26. “Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,
27. mme le lona le tla mpaka, hobane le bile le nna ho tloha qalong.