Johanne 15:20-23 BIBELE (SSO89SO)

20. Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: <Mohlanka ha a moholo ho monga hae.> Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.

21. Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.

22. Ha ke ne ke sa ka ka tla ho bua le bona, ba ka be ba se na sebe, empa jwale ha ba na boitatolo ka sebe sa bona.

23. Ya ntlhoileng, o hloile Ntate.

Johanne 15