Johanne 14:5-20 BIBELE (SSO89SO)

5. Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?”

6. Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.

7. Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.”

8. Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.”

9. Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: <Re bontshe Ntate>?

10. Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae.

11. Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo.

12. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.

13. Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.

14. Ha le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa.

15. “Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.

16. Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,

17. e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.

18. Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.

19. Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.

20. Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona.

Johanne 14