Johanne 14:26-31 BIBELE (SSO89SO)

26. empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.

27. Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.

28. “Le utlwile hore ke le boleletse, ka re: <Ke a ya, mme ke tla kgutlela ho lona.> Haeba le ne le nthata, le ka be le thabile, hobane ke ya ho Ntate, kaha Ntate o moholo ho nna.

29. Ke le boleletse e sa le jwale, pele ho etsahala, hore ha ho etsahala le tle le dumele.

30. Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,

31. empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona.

Johanne 14