Johanne 14:2-18 BIBELE (SSO89SO)

2. Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo.

3. Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.

4. Ebile moo ke yang, tsela ya teng le a e tseba.”

5. Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?”

6. Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.

7. Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.”

8. Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.”

9. Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: <Re bontshe Ntate>?

10. Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae.

11. Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo.

12. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.

13. Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.

14. Ha le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa.

15. “Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.

16. Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,

17. e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.

18. Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.

Johanne 14