10. Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae.
11. Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo.
12. Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.
13. Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.
14. Ha le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15. “Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.
16. Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,
17. e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.
18. Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.
19. Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.
20. Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona.
21. Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.”
22. Judase, e seng Judase Isekariota, a re ho yena: “Morena, ho tla jwang hore ebe o se o tla iponahatsa ho rona, e seng ho lefatshe na?”
23. Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.
24. Ya sa nthateng ha a boloke mantswe a ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.
25. “Ke buile tsena ho lona ke sa ntse ke ena le lona,