Johanne 13:6-18 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha a etla ho Simone Petrose, eo a re ho yena: “Morena, na ke wena o ka ntlhatswang maoto?”

7. Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”

8. Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!”Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.”

9. Simone Petrose a re ho yena: “Morena, e se be maoto a ka feela, empa le wona matsoho le hlooho!”

10. Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.”

11. O ne a tseba ya tla mo eka, mme ke ka baka leo a itseng: “Ha le a hlweka bohle.”

12. Jwale ha a ba hlatswitse maoto, a apara seaparo sa hae, a boela a dula, a re ho bona: “Na le utlwisisa seo ke se entseng ho lona?

13. Le mpitsa <Moruti> le <Morena>, mme le bolela hantle, hobane ke yena.

14. Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.

15. Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse.

16. Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.

17. Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.

18. “Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: <Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,> a tshwanetse ho phethahala.

Johanne 13