Johanne 13:31-38 BIBELE (SSO89SO)

31. Ha Judase a se a tswile, Jesu a re: “Jwale Mora Motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

32. Ha Modimo a tlotlisitswe ka yena, Modimo le yena o tla tlotlisa Mora Motho, mme o tla mo tlotlisa kapelepele.

33. “Bana ba ka, ke sa tla ba le lona ka nakwana; le tla mpatla, mme jwalokaha ke ile ka bolella Bajuda, ka re: <Moo ke yang teng, le ke ke la tla,> le ho lona ke rialo jwale.

34. “Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.

35. Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.”

36. Simone Petrose a re ho yena: “Morena, o ya kae?”Jesu a araba, a re: “Moo ke yang teng o ke ke wa ntatela hajwale, feela o tla ntatela hamorao.”

37. Petrose a re ho yena: “Morena, ke ka baka lang nke keng ka o latela hajwale? Ke tla o tella bophelo ba ka!”

38. Jesu a araba, a re: “Na o tla ntella bophelo ba hao na? Kannetenete, ke a o bolella: Mokoko o eso lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

Johanne 13