2. Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.
3. Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
4. a tloha dijong, a hlobola seaparo, mme a nka thaole, a itlama ka yona thekeng.
5. A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.
6. Ha a etla ho Simone Petrose, eo a re ho yena: “Morena, na ke wena o ka ntlhatswang maoto?”
7. Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”
8. Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!”Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.”
9. Simone Petrose a re ho yena: “Morena, e se be maoto a ka feela, empa le wona matsoho le hlooho!”
10. Jesu a re ho yena: “Ya totseng o hlwekile kahohle, mme ha a sa hloka ho hlatsuwa haese maoto feela. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.”
11. O ne a tseba ya tla mo eka, mme ke ka baka leo a itseng: “Ha le a hlweka bohle.”
12. Jwale ha a ba hlatswitse maoto, a apara seaparo sa hae, a boela a dula, a re ho bona: “Na le utlwisisa seo ke se entseng ho lona?
13. Le mpitsa <Moruti> le <Morena>, mme le bolela hantle, hobane ke yena.