Johanne 13:13-31 BIBELE (SSO89SO)

13. Le mpitsa <Moruti> le <Morena>, mme le bolela hantle, hobane ke yena.

14. Jwale he, ha ke le hlatswitse maoto, nna ke le Morena le Moruti, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.

15. Ke le beetse mohlala, hore le lona le tle le etse jwalokaha ke le entse.

16. Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.

17. Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.

18. “Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: <Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,> a tshwanetse ho phethahala.

19. “Ke le bolella e sa le jwale, pele ho etsahala, hore le tle le dumele ha ho etsahala, hore nna e ntse e le nna.

20. Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”

21. Yare hoba Jesu a bolele tsena, a ferekana moyeng, a bua phatlalatsa, a re: “Kannetenete, ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”

22. Barutuwa ba tadimana, ba tsielehile hore na o bua ka mang.

23. E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a neng a mo rata, o ne a itshetlehile sefubeng sa Jesu.

24. Jwale Simone Petrose a mo qhwaya, hore a botse na o bua ka mang.

25. Eo ya itshetlehileng sefubeng sa Jesu a re ho yena: “Morena, motho eo ke mang?”

26. Jesu a araba, a re: “Ke eo ke tla qopetsa sengwathwana, ke mo nee sona.” Ha a qopeditse sengwathwana, a se nka, a se nka, a se nea Judase, mora Simone Isekariota.

27. Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena.Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.”

28. Empa ha ho a ba le ya mong wa ba neng ba le dijong, ya ileng a tseba hore na o mmoleletse jwalo ka baka lang,

29. hobane ba bang ba ne ba hopola hore, kaha Judase a ne a tshwere mokotlana wa tjhelete, Jesu o re ho yena: “Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete,” kapa a fe mafutsana ho hong.

30. Jwale ha a se a amohetse sengwathwana, a tswa hanghang. E ne e le bosiu.

31. Ha Judase a se a tswile, Jesu a re: “Jwale Mora Motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

Johanne 13