1. E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.
2. Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.
3. Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
4. a tloha dijong, a hlobola seaparo, mme a nka thaole, a itlama ka yona thekeng.
5. A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.
6. Ha a etla ho Simone Petrose, eo a re ho yena: “Morena, na ke wena o ka ntlhatswang maoto?”
7. Jesu a araba, a re ho yena: “Seo ke se etsang ha o se tsebe hajwale, empa o tla se utlwisisa hamorao.”
8. Petrose a re ho yena: “Ha o ka ke wa ntlhatswa maoto le kgale!”Jesu a mo araba, a re: “Ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.”