47. Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata?
48. Ha re ka mo lesa jwaana, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba ripitle Tempele le setjhaba sa rona.”
49. Empa e mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo, a re ho bona: “Ha le tsebe letho,
50. leha e le ho utlwisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shwele setjhaba, e seng hore setjhaba sohle se timele.”
51. Hona ha a a ka a ho bolela ka boyena, empa kaha e ne e le Moprista e Moholo ka selemo seo, o ne a ile a porofeta hore Jesu o se a tla shwela setjhaba,
52. e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.
53. Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya.
54. Ka baka leo, Jesu ha a a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda, empa a tloha moo, a ya naheng e haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime, mme a hlola teng le barutuwa.
55. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme ba bangata ba tswang ka mathoko ba nyolohela Jerusalema, e eso be Paseka, hore ba tle ba itlhwekise.
56. Jwale ba batla Jesu, ba botsana ba eme ka Tempeleng, ba re: “Le hopola jwang? Ebe a ke ke a tla moketeng na?”
57. Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.