Johanne 11:34-50 BIBELE (SSO89SO)

34. a re: “Le mmeile kae?”Ba re ho yena: “Morena, tloo, o bone.”

35. Jesu a keleketla dikeledi.

36. Yaba Bajuda ba re: “Bonang kamoo a neng a mo rata kateng!”

37. Ba bang ba bona ba re: “Na eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, a ka be a sa etsa hore le motho eo a se ka a shwa?”

38. Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa.

39. Jesu a re: “Tlosang letlapa.”Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.”

40. Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”

41. Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.

42. Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”

43. Hoba a rialo, a howa ke lentswe le phahameng, a re: “Lasaro, tswa!”

44. Ya neng a shwele a tswa a thatilwe maoto le matsoho ka masela a bafu, sefahleho sa hae se thatilwe ka lesela.Jesu a re ho bona: “Mo tlamolleng, le mo lese a ikele.”

45. Jwale ba bangata ba Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, mme ba bona seo Jesu a se entseng, ba dumela ho yena,

46. empa ba bang ba ya ho Bafarisi, ba ba bolella tseo Jesu a di entseng.

47. Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata?

48. Ha re ka mo lesa jwaana, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba ripitle Tempele le setjhaba sa rona.”

49. Empa e mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le Moprista e Moholo ka selemo seo, a re ho bona: “Ha le tsebe letho,

50. leha e le ho utlwisisa, hore ho molemo ho lona hore motho a le mong a shwele setjhaba, e seng hore setjhaba sohle se timele.”

Johanne 11