Johanne 11:26-40 BIBELE (SSO89SO)

26. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”

27. A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”

28. Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.”

29. Yare eo ha a utlwa, a ema kapele, a tla ho yena.

30. Jesu o ne a eso kene motseng, empa o ne a sa le moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng.

31. Ha Bajuda ba neng ba ena le yena ka tlung, ba mo tshedisa, ba bona hore Maria o ema kapele, o a tswa, ba mo latela, ba hopola hore o ya lebitleng ho ya llela teng.

32. Ha Maria a fihla moo Jesu a leng teng, mme a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.”

33. Jesu ha a bona Maria a ntse a lla, le Bajuda ba tlileng le yena ba ntse ba lla, a hlabeha moyeng, a ferekana,

34. a re: “Le mmeile kae?”Ba re ho yena: “Morena, tloo, o bone.”

35. Jesu a keleketla dikeledi.

36. Yaba Bajuda ba re: “Bonang kamoo a neng a mo rata kateng!”

37. Ba bang ba bona ba re: “Na eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, a ka be a sa etsa hore le motho eo a se ka a shwa?”

38. Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa.

39. Jesu a re: “Tlosang letlapa.”Maretha, kgaitsedi ya ya shweleng, a re ho yena: “Morena, o se a nkga, hobane e se e le letsatsi la bone a shwele.”

40. Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”

Johanne 11