Johanne 11:21-30 BIBELE (SSO89SO)

21. Jwale Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.

22. Empa le jwale ke a tseba hore tsohle tseo o di kopang ho Modimo, Modimo o tla o nea tsona.”

23. Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.”

24. Maretha a re ho yena: “Ke a tseba hore e tla tsoha mohla tsoho ya bafu, ka letsatsi la bofelo.”

25. Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.

26. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”

27. A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”

28. Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.”

29. Yare eo ha a utlwa, a ema kapele, a tla ho yena.

30. Jesu o ne a eso kene motseng, empa o ne a sa le moo Maretha a mo kgahlanyeditseng teng.

Johanne 11