Johanne 11:13-28 BIBELE (SSO89SO)

13. Jesu o ne a bua ka ho shwa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla.

14. Ya eba moo Jesu a ba bolellang phatlalatsa, a re: “Lasaro o shwele,

15. mme ka baka la lona ke thabela hore ebe ke ne ke le siyo, le tle le dumele, empa a re yeng ho yena.”

16. Jwale Thomase, ya bitswang Lefahla, a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng, re tle re shwe le yena.”

17. Ha Jesu a fihla, a fumana Lasaro a se a qetile matsatsi a mane lebitleng.

18. Bethania e ne e le haufi le Jerusalema, sebaka se ka bang dikilomethara tse tharo.

19. Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona.

20. Yare ha Maretha a utlwa hore Jesu o a tla, a ya mo kgahlanyetsa, empa Maria a sala a dutse ka tlung.

21. Jwale Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.

22. Empa le jwale ke a tseba hore tsohle tseo o di kopang ho Modimo, Modimo o tla o nea tsona.”

23. Jesu a re ho yena: “Kgaitsedi ya hao e tla tsoha.”

24. Maretha a re ho yena: “Ke a tseba hore e tla tsoha mohla tsoho ya bafu, ka letsatsi la bofelo.”

25. Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.

26. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”

27. A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”

28. Hoba a rialo, a ya bitsa ngwanabo Maria ka lekunutu, a re: “Moruti o teng, mme o a o bitsa.”

Johanne 11