1. Jwale ho ne ho ena le monna ya kulang, Lasaro wa Bethania, motseng wa habo Maria le ngwanabo, Maretha.
2. E ne e le Maria ya neng a tlotse Morena ka setlolo, mme a hlakola maoto a hae ka moriri wa hae, eo kgaitsedi ya hae, Lasaro, a neng a kula.
3. Jwale bo-kgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: “Morena, tseba, eo o mo ratang o a kula.”
4. Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”
5. Jesu o ne a rata Maretha, le Maria, ngwanabo, le Lasaro.
6. Ha a utlwa hore o a kula, a hlola matsatsi a mabedi sebakeng seo a neng a le ho sona.
7. Kamorao ho moo, a re ho barutuwa ba hae: “A re yeng Judea hape.”
8. Barutuwa ba re ho yena: “Rabbi, Bajuda ba sa tswa batla ba o tlepetsa ka majwe; na o sa ya teng hape?”
9. Jesu a araba, a re: “Na hora tsa letsatsi ha di leshome le metso e mmedi na? Ha motho a tsamaya motsheare, ha a kgoptjwe, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena,
10. empa ha motho a tsamaya bosiu o a kgoptjwa, kahobane o hloka lesedi.”
11. A bolela ditaba tsena, mme kamorao ho moo a re ho bona: “Lasaro, motswalle wa rona, o robetse, empa ke a ya, hore ke tle ke mo tsose.”
12. Yaba barutuwa ba re ho yena: “Morena, ha a robetse, o tla fola.”
13. Jesu o ne a bua ka ho shwa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla.
14. Ya eba moo Jesu a ba bolellang phatlalatsa, a re: “Lasaro o shwele,