Johanne 10:28-42 BIBELE (SSO89SO)

28. Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka.

29. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate.

30. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.”

31. Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.

32. Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”

33. Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”

34. Jesu a araba, a re: “Na ha ho a ngolwa Molaong wa lona, ha thwe: <Ke itse, le medimo.>

35. Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.

36. Jwale ho ya kang ha le re: <O a nyefola,> kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: <Ke Mora wa Modimo>?

37. Haeba ke sa etse mesebetsi ya Ntate, le se ke la ntumela,

38. empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”

39. Jwale ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.

40. A boela a tloha a ya mose ho Jorodane, sebakeng seo Johanne a neng a kolobeletsa ho sona pele, a hlola teng.

41. Yaba ba bangata ba tla ho yena, ba re: “Johanne ha a a ka a etsa mohlolo leha o le mong, empa tsohle tseo Johanne a di boletseng ka monna enwa e ne e le nnete.”

42. Hona moo ba bangata ba dumela ho yena.

Johanne 10