24. Bajuda ba mo teela hare, mme ba re ho yena: “O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ha o le Kreste, re bolelle phatlalatsa.”
25. Jesu a ba araba, a re: “Ke le boleletse, mme ha le dumele; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate, ke yona e mpakang,
26. empa ha le dumele, hobane ha le ba mohlape wa ka.
27. Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela.
28. Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka.
29. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate.
30. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.”
31. Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.
32. Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”
33. Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”
34. Jesu a araba, a re: “Na ha ho a ngolwa Molaong wa lona, ha thwe: <Ke itse, le medimo.>
35. Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.
36. Jwale ho ya kang ha le re: <O a nyefola,> kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: <Ke Mora wa Modimo>?