Johanne 10:2-19 BIBELE (SSO89SO)

2. empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku.

3. Molebedi wa monyako o a mmulela, mme dinku di utlwa lentswe la modisa, o di thobisa ka mabitso, ho ya kantle.

4. Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o di etella pele, mme dinku di a mo latela, kahobane di tseba lentswe la hae.

5. Osele ha di ka ke tsa mo latela, empa di tla mmaleha, hobane ha di tsebe lentswe la basele.”

6. Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.

7. Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku.

8. Bohle ba tlileng pele ho nna ke mashodu le dinokwane, mme dinku ha di a ka tsa ba utlwa.

9. Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.

10. Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.

11. “Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.

12. Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye;

13. ke hobane e le mohlanka, mme ha a tsotelle dinku.

14. “Ke nna modisa ya molemo, mme ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba;

15. jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku tsa ka bophelo ba ka.

16. Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.

17. Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ke boele ke bo fumane.

18. Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”

19. Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana.

Johanne 10