Johanne 10:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. “Kannetenete, ke a le bolella, ya sa keneng lesakeng la dinku ka monyako, empa a tlolela le kahosele, ke leshodu le senokwane,

2. empa ya kenang ka monyako ke modisa wa dinku.

3. Molebedi wa monyako o a mmulela, mme dinku di utlwa lentswe la modisa, o di thobisa ka mabitso, ho ya kantle.

4. Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o di etella pele, mme dinku di a mo latela, kahobane di tseba lentswe la hae.

5. Osele ha di ka ke tsa mo latela, empa di tla mmaleha, hobane ha di tsebe lentswe la basele.”

6. Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.

7. Jwale Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella hore ke nna monyako wa dinku.

8. Bohle ba tlileng pele ho nna ke mashodu le dinokwane, mme dinku ha di a ka tsa ba utlwa.

9. Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.

10. Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.

11. “Ke nna modisa ya molemo. Modisa ya molemo o tella dinku tsa hae bophelo ba hae.

12. Mohlanka, eo e seng modisa le monga dinku ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe, mme phiri e di tshware, e di qhalanye;

13. ke hobane e le mohlanka, mme ha a tsotelle dinku.

Johanne 10