Johanne 1:8-28 BIBELE (SSO89SO)

8. Yena e ne e se lesedi leo, empa o ne a tlile hore a pake tsa lesedi.

9. Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.

10. Lentswe le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka lona, empa lefatshe ha le a ka la le tseba.

11. Le ne le tlile hahabo lona, empa ba habo lona ha ba a ka ba le amohela.

12. Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo,

13. ba sa kang ba tswalwa ka madi, kapa ka thato ya nama, kapa ka thato ya monna, empa ba tswetswe ke Modimo.

14. Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.

15. Johanne o mo pakile, mme a howa, a re: “Enwa ke yena, eo ke neng ke mmolela, ha ke re: <Ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.> ”

16. Mohaung wa hae o kgaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau hodima mohau,

17. hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.

18. Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.

19. Bopaki ba Johanne ke bona, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ho yena ba etswa Jerusalema, hore ba mmotse: “O mang?”

20. A bolela, a sa latole, a re: “Nna ha ke Kreste.”

21. Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?”A re: “Ha ke yena.”“Na o Moporofeta?”A araba, a re: “Tjhe.”

22. Jwale ba re ho yena: “O mang he? Re tshwanetse ho ya nea ba re romileng karabo. O reng ha o ipolela?”

23. A re:“Nna ke lentswela ya howang feelleng, le reng:<Otlollang mmila wa Morena!>“jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.”

24. Ba neng ba romilwe e ne e le ba Bafarisi.

25. Ba mmotsa, ba re: “Ha o se Kreste, o se Elia, o se Moporofeta, keng ha o kolobetsa?”

26. Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi; hara lona ho eme eo le sa mo tsebeng,

27. ya tlang kamorao ho nna, eo nna ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la moqathatso wa hae.”

28. Tsena di ile tsa etsahala Bethania, mose ho Jorodane, moo Johanne a neng a kolobeletsa teng.

Johanne 1