Johanne 1:47-51 BIBELE (SSO89SO)

47. Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”

48. Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?”Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.”

49. Nathanaele a mo araba, a re: “Rabbi, o Mora wa Modimo, o Kgosi ya Iseraele.”

50. Jesu a mo araba, a re: “Na o dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye? O tla bona tse kgolo ho feta tsena.”

51. A re ho yena: “Kannetenete, ke a le bolella, le tla bona lehodimo le bulehile, mme mangeloi a Modimo a nyoloha, a theohela hodima Mora Motho.”

Johanne 1