Johanne 1:33-45 BIBELE (SSO89SO)

33. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: <Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.>

34. Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”

35. Ka la hosasane hape, Johanne o ne a eme le barutuwa ba hae ba babedi.

36. Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”

37. Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu.

38. Jesu ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latetse, a re ho bona: “Le batlang?”Ba re ho yena: “Rabbi,” ke ho re: Moruti: “o dula kae?”

39. A re ho bona: “Tloong, le bone.”Ba ya, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena letsatsi leo; e ne e ka ba hora ya bone mantsiboya.

40. Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi ba utlwileng Johanne, ba latetseng Jesu.

41. Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.

42. A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose.

43. Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”

44. Filipi e ne e le wa Bethesaida, e leng motse wa habo Andrease le Petrose.

45. Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”

Johanne 1