30. Enwa ke yena eo ke neng ke bua ka yena, ha ke re: <Kamorao ho nna ho tla monna ya mphetang ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.>
31. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ke tlile ke kolobetsa ka metsi hore a senolelwe Iseraele.”
32. Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae.
33. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: <Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.>
34. Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”
35. Ka la hosasane hape, Johanne o ne a eme le barutuwa ba hae ba babedi.
36. Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”