22. Jwale ba re ho yena: “O mang he? Re tshwanetse ho ya nea ba re romileng karabo. O reng ha o ipolela?”
23. A re:“Nna ke lentswela ya howang feelleng, le reng:<Otlollang mmila wa Morena!>“jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.”
24. Ba neng ba romilwe e ne e le ba Bafarisi.
25. Ba mmotsa, ba re: “Ha o se Kreste, o se Elia, o se Moporofeta, keng ha o kolobetsa?”
26. Johanne a ba araba, a re: “Nna ke kolobetsa ka metsi; hara lona ho eme eo le sa mo tsebeng,
27. ya tlang kamorao ho nna, eo nna ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la moqathatso wa hae.”
28. Tsena di ile tsa etsahala Bethania, mose ho Jorodane, moo Johanne a neng a kolobeletsa teng.
29. Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!
30. Enwa ke yena eo ke neng ke bua ka yena, ha ke re: <Kamorao ho nna ho tla monna ya mphetang ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.>
31. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ke tlile ke kolobetsa ka metsi hore a senolelwe Iseraele.”
32. Johanne a paka, a re: “Ke bone Moya o theoha lehodimong o ka leeba, mme o dula hodima hae.
33. Ha ke a ka ka mo tseba, empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho nna: <Eo o bonang Moya o theohela, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.>
34. Ke bone, mme ke a paka hore ke yena Mora wa Modimo.”
35. Ka la hosasane hape, Johanne o ne a eme le barutuwa ba hae ba babedi.
36. Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”
37. Barutuwa ba hae ba babedi ba utlwa ha a bua, mme ba latela Jesu.